Wednesday, August 6, 2025
Multiplex Industries
7.4 C
Maseru

LLWDP II – Phatlalatso ea Sechaba – Tumello ea ntšetsopele ea khaho ea Lesotho Lowlands Water Development Project Phase II for Zones 2 and 3 (Ha Lesiamo, Hlotse, Tsikoane and Maputsoe)

Business

Newsday
Newsday
 Your Trusted Source for News and Insights in Lesotho! At Newsday Media, we are passionate about delivering accurate, timely, and engaging news and multimedia content to our diverse audience. Founded with the vision of revolutionizing the media landscape in Lesotho, we have grown into a leading hybrid media company that blends traditional journalism with innovative digital platforms.

Phatlalatso ea Sechaba

Tumello ea ntšetsopele ea khaho ea Lesotho Lowlands Water Development Project Phase II for Zones 2 and 3 (Ha Lesiamo, Hlotse, Tsikoane and Maputsoe)

Phatlalatso ea Sechaba

Tumello ea ntšetsopele ea khaho ea Lesotho Lowlands Water Development Project Phase II for Zones 2 and 3 (Ha Lesiamo, Hlotse, Tsikoane and Maputsoe)

Ho etsoa tsebiso ea hore Lekala la Tikoloho le Meru ka Lefapha la Tikoloho le fane ka ntšetsopele ea tumello (Extension of Record of Decision (RoD) ea khako ea Morero oa Phepelo ea Metsi Mabalane a Lesotho Mokhahlelo oa Bobeli tikolohong ea Bobeli le ea Boraro (Lesotho Lowlands Water Development Project Phase II – Zones 2 and 3) ka la 9 Phupu 2025. Khakho ea Morero e ntseng e tsoela pele e etsoa ka mekhahlelo e latelang:

  • LLWDPII/W/05 – Khaho ea marang-rang a lipeipi tsa metsi Hlotse, Khanyane and Ha ‘Lesiamo
  1. Mararang-rang a lipeipi a bolelele ba 390 km
  2. Khokelo ea Malapa a sekete le makholo a mahlano (1,500)
  3. Litsi tse pompang metsi tse supileng (7)
  4. Tokiso ea lipeipi tse senyehile
  • LLWDPII/W/06 – Khaho ea marang-rang a lipeipi tsa metsi Maputsoe, Tsikoane and Mpharane
  • Mararang-rang a lipeipi a bolelele ba 150 km
  • Khokelo ea Malapa a sekete le makholo a mabeli (1,200)
  • Litsi tse pompang metsi tse robeli (8)
  • Tokiso ea lipeipi tse senyehileng

Qingjian Group (CNQC) e ntse e etsa khaho ea LLWDPII/W/05 and LLWDPII/W/06 e qalileng ka 12, Tlhakubele 2024.

  •  LLWDPII/W/04 – Khaho ea Makuka le Lipeipi tse Kholo tsa Metsi
  • Makuka a mane (4 x Reservoirs) a boholo ba 14.95 Ml
  • Lipeipi tse kholo tsa bolele ba 27.7 km
  • Setsi se le seng (1) se pompang metsi
  • Lichambara
  • SCADA

UNIK Botswana Construction Engineering (UNIK) e ntse e etsa khaho ea LLWDPII/W/04 e qalileng ka la 7 Motšeanong 2024.

  • LWDPII/W/03a Ho Rala le ho Aha Marang-rang a Lipei tse Kholo, Setsi sa Tlhoekiso ea Metsi, Makuka, Setsi sa ho kha metsi ka Nokeng ea Hlotse
  • Setsi sa ho kha metsi ka nokeng ea Hlotse
  • Setsi sa tlhoekiso ea metsi
  • Makuka a mane

Mosebetsi o na o etsoa ke China International Water & Electric. Corp (CWE) me o qalile ka la 16 Loetse 2024.

  •  
  • Tumello ea Khaho (Record of Decision)

Tumello ea khaho e tla ba tšebetsong lilemo tse peli ho tloha letsatsi leo e fanoeng ka eona. Ho latela Molao oa Tikoloho oa Selemo sa 2008, karolo ea 25(5), mang le mang a nang le khanyetso a ka lebisa tletlebo ea hae ka mongolo ho Mookameli oa Lefapha la Tikolo ho rapalatsa mabaka a ka etsang hore a hlahlobe qeto eo, ka hare ho matsatsi a mashome a mararo (30), a phatlalatso ena.  Maikutlo kapa litletlebo li ka Lebisoa atereseng e latelang

Mookameli

Department of Environment

Ministry of Environment and Forestry

Floor 7

Post Office Building

Kingsway Street

P.O. Box 10993

Maseru 100

Lesotho

- Advertisement -spot_img
Seahlolo
- Advertisement -spot_img
Home Grown Comedy Show Ad 2

Latest article

Send this to a friend